12 Ruri, Modimo o ke ke wa etsa ho sa lokang; Ya matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka.
12 Ruri Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka.
Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?
Lona, banna ba kutlwisiso, nkutlweng. Modimo o ke ke wa etsa bobe le ho leka; Ya matla wohle ha ho kamoo a ka etsang bokgopo kateng!
Ke mang ya ka o rutang tsela ya wona?
Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na?
Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.
Jehova o lokile ditseleng tsa hae tsohle, o mohau diketsong tsa hae tsohle.