Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 30:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ba mphema, ba mpalehela, ha ba tshabe ho tshwela fahleho sa ka ka mathe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 30:10
15 Referencias Cruzadas  

O mpeile sesomo hara batho; ke fetohile ntho e nyatsehang pela bona.


Ke tshabeha ho bao ke kunutang le bona, bao ke neng ke ba rata ba fetohile dira ho nna.


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.


Mofutsana, banababo bohle ba mo hloya, thaka tsa hae di tla fetisa hakakang ka ho mo ila! Ere a sa bua, ba se ba mo hasanela.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.


Dira tsa rona kaofela di re ahlamiseditse melomo ya tsona.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.


Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa,


Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.


mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos