Jobo 25:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 O na le mmuso le boholo bo tshabehang, o tiisa kgotso nqalong tse phahamileng tsa wona. Ver CapítuloBIBELE2 “Puso le tshabo di tswa ho Modimo, ke mothei wa kgotso mahodimong a hae a hodimo. Ver Capítulo |
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.