Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 22:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ako amohele thuto e tswang molomong wa wona, o kenye dipolelo tsa wona pelong ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:22
16 Referencias Cruzadas  

A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.


Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.


E ne e tla ba tshediso ho nna; e, ke ne ke tla thaba bohlokong bona bo tshabehang; hobane ha ke a ka ka tlola ditaelo tsa Ya halalelang!


Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Di se ke tsa tloha pela mahlo a hao, o nne o di boloke ka pelong.


ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.


Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.


A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.


Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae.


A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.


Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae.


Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos