Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 22:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka leo, o etse setswalle le Modimo, mme o tla bona kgotso; ka mokgwa o jwalo, leseho le tla tla ho wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:21
11 Referencias Cruzadas  

Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.


Ha ho kahosele, haese hore batho ba itshwarelle ka nna, ba etse kgotso le nna, ba etse kgotso le nna.


O phakise o dumellane le ya tsekisanang le wena, le sa le tseleng le yena; esere mohlomong ya tsekisanang le wena a o neela maohlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka wa kahlolo, mme wa kgarameletswa teronkong.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!


Mme kgotso ya Modimo, e fetisang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos