Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 21:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Athe e mong o ye a shwe mahlomoleng a moya wa hae, a sa ka a ja leseho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 21:25
14 Referencias Cruzadas  

Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.


Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.


Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae.


Lebese le tletse merifi ya hae, moko wa masapo a hae o tshwehla kamehla.


Ba robala leroleng ba bapile, diboko di ba apesa ba babedi.


Ya madimabe o neelwang lesedi, ya hlomohileng pelo o neelwang bophelo,


Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.


Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang.


Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.


ke hoba, ereha Modimo o neile motho leruo le menono le kganya, ho fihlela a sa hlokele bophelo ba hae letho leha le le leng la tsohle tseo a ka di lakatsang, Modimo ha o mo nee sebaka sa ho ja letho la teng; ke osele ya tla ya. Hoo ke lefeela, hape ke kotsi e bohloko.


Mora motho, ja bohobe ba hao ka thothomelo, o nwe metsi a hao ka ho thekesela le ka tshabo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos