2 Mehopolo ya ka, bakeng sena, e tla mponela phetolo, le hona ke sitwa ho itshwara maikutlong a ka.
2 “Ka baka la lehala le ka pelong ya ka, menahano ya ka e re ke o arabe.
O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.
Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:
Ke utlwile dikgalemelo tse ntlhabisang dihlong, empa kelello ya ka e nnea karabo.
Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua?
Ka ba ka re matswalong a ka: Batho bohle ke bathetsi.
Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.
Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.
O lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tshepisa ho fetisa lona.
O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.
Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.
Morwetsana a phakisa a kena ka mafolofolo ho morena, a kopa, a re: Ke rata ho fuwa ke wena, hona jwale, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;