Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 19:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Na le ntlhorisetsang jwaloka Modimo? Ha le kgolwe keng ka nama ya ka?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 19:22
14 Referencias Cruzadas  

Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.


O patelang sefahleho sa hao? O ntadimelang jwaloka eka ke sera ho wena?


Na o rata ho roba lehlaku le fefolwang, leha e le ho phallela mooko o omeletseng na?


Modimo o nneetse matsohong a ba bolotsana, o nkakgetse diatleng tsa ba babe.


Mohlang oo, le tla be le re: Na re ne re mo hlorisetsang? athe le tla bona nyewe ya ka ha e emelwa.


le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.


O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.


ho nna o fetohile sera se se nang mohau, o ntwantsha ka letsoho la hao le matla;


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.


O eketse makgopo a bona ka makgopo a mang, ba se ke ba eba le kabelo ho lokeng ha hao!


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Ba ja nama ya ba setjhaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a kgaole dikoto, jwaloka eka ba a nokela pitseng, ba kgabele le nama ya bona jwaloka hoja ba ya e kenya hara pitsa e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos