14 Ke re ho lebitla: O ntate! le ho diboko: Le mme le ngwaneso!
14 haeba ke re ho lebitla: ‘Ke wena ntate,’ ho seboko ke re: ‘O mme, o kgaitsedi,’
athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?
Mme leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Modimo ke se ke se nameng.
Ba robala leroleng ba bapile, diboko di ba apesa ba babedi.
Ba lebalwa ke mpa e ba belehileng; ba etswa matlatlo a diboko; ha ba sa hopolwa. Molotsana o tloswa jwaloka sefate se omeletseng;
ho ka ba jwang ka motho eo e leng kokwanyana feela, le ka ngwana wa motho eo e leng seboko!
Letlalo la ka le ntshofetse, le a foforeha, masapo a ka a tjhesa ke febere.
Nama tsa ka di apesitswe ke diboko le ke makgapa a mobu, letlalo la ka le tswa dipetlane, le boele le tswe boladu.
hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.
Ha ho kamoo motho a ka lopollwang kateng hore a nne a phele ka ho sa feleng, a se ke a bona lebitla.
Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.
Ho tla ba jwalo le tsohong ya bafu. Mmele o jallwa ho boleng, o tla tsohela ho se bole;