21 hore o emele motho ho Modimo, le ngwana motho ho metswalle ya hae;
21 Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?
O bitse, mme ke tla araba, kapa ho bue nna, mme wena o nkarabe.
Empa nka rata ho bua le Ya matla wohle, nka lakatsa ho kena tsekong le Modimo;
Leha metswalle ya ka e fetohile basomi, mahlo a ka a lebile ho Modimo ka meokgo;
hobane ho sa tla feta dilemo tse seng kae, ke ntoo ikela ka tsela eo nke keng ka kgutla ka yona.
Hola ke na le ya nkutlwang! Bonang, tiiso ya letsoho la ka ke ena! Hola Ya matla wohle a ka mphetola! Hola lengolo le le teng la ya nqosang molato!
Se leng teng se se se kile sa rewa lebitso; haele motho, ho tsejwa seo a leng sona, le kamoo a ke keng a tsekisana le ya mo fetang ka matla kateng.
Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?
Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?