16 Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.
16 Empa jwale mehato ya ka o a e bala, sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;
Ha ke entse sebe, o ntse o ntadima hampe, o hana ho ntshwarela molato wa ka.
ha o batla molato wa ka, mme o botsisisa sebe sa ka na?
Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
Na ha o bone ditsela tsa ka na? Na ha o bale mehato ya ka kaofela na?
o tshwasitse maoto a ka, o hlwela mehato ya ka kaofela.
Hobane mahlo a wona a tadimile mekgwa ya batho bohle, mme o bona metsamao ba yona kaofela.
Ba lalla, ba nanara, ba hlwela mehato ya ka, hobane ba lebeletse sebaka sa ho tlosa bophelo ba ka.
Hobane metsamao ya motho e pontsheng ho Jehova; ke yena ya lekolang mehlala ya hae yohle.
O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;