Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 12:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O senola makunutu a patilweng lefifing; o hlahisa moriti wa lefu leseding.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 a senole le diphiri tsa mafifing, meriti e metsho a e tjhabisetse lesedi.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 12:22
15 Referencias Cruzadas  

E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.


ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.


Hobane ho bona bosiu bo boholo bo ka nako ya meso, etswe ba tlwaetse botshabeho ba bosiu bo botsho.


A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi.


Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.


Ho wena esita le lefifi le ke ke la eba letsho, bosiu bo ka ela jwaloka motshehare, lefifi la eba jwaloka lesedi.


Efela ke wena o bopileng letheka la ka; o ntohile popelong ya mme.


na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.


O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


Le se ke la ba tshaba ke hona, hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa; mme ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le tsejwa.


hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.


Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos