Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:
Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.
Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.