Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 52:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele ditshiya tse pedi, le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi tsa koporo, tse neng di le tlasa lona, le didulo tse neng di etseditswe ntlo ya Jehova ke Salomone, koporo ya mesebetsi eo kaofela e ne e se na ho lekanngwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 52:20
6 Referencias Cruzadas  

La bewa hodima dikgomo tse leshome le metso e mmedi, tse tharo di lebile leboya, tse tharo di lebile bophirimatsatsi, tse tharo di lebile borwa, tse tharo di lebile botjhabatsatsi; letsha la bewa hodima tsona, di furallane.


Salomone ha a ka a lekanya boima ba mesebetsi eo ka baka la bongata ba yona; le boima ba koporo ha bo a ka ba hlahlojwa.


Ke ditshiya tse pedi, le letsha, le didulwana tseo Salomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova; koporo ya mesebetsi eo yohle e be e se na ho lekanngwa ka baka la boima ba yona.


O ka bona, bonyenyaneng ba ka, ke lokiseditse ntlo ya Jehova kgauta e ditalenta tse dikete tse lekgolo, le silefera e ditalenta tse dikete tse sekete, le koporo le tshepe tse se nang ho lekanngwa, kahobane di ngata haholo. Ke lokisitse le difate le majwe, mme o tla boela o ekeletse teng.


Salomone a etsa mesebetsi eo ka bongata bo boholo, mme boima ba koporo ha bo a ka ba lekanngwa.


Ditshiya tsa koporo tse neng di le ka tlung ya Jehova, le didulo, le letsha la koporo le neng le le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di bolaya, mme koporo kaofela ba ya le yona Babilona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos