Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 52:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ditshiya tsa koporo tse neng di le ka tlung ya Jehova, le didulo, le letsha la koporo le neng le le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di bolaya, mme koporo kaofela ba ya le yona Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 52:17
12 Referencias Cruzadas  

le dipitsana, le matlao, le mafiswana, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le mahokelo a kgauta a mamati a ntlo e hare, e leng sehalaledisiso, le a mamati a ntlo ya tempele.


Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Haele ditshiya tse pedi, le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi tsa koporo, tse neng di le tlasa lona, le didulo tse neng di etseditswe ntlo ya Jehova ke Salomone, koporo ya mesebetsi eo kaofela e ne e se na ho lekanngwa.


Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.


bolelele ba mathule ya eba tswe tse mashome a mabedi, le bophara ya eba tswe tse leshome le metso e mmedi; ho ne ho nyolohelwa teng ka methati e leshome; ho na le ditshiya teng pela ditshiya tse ding, e nngwe ka kwano, e nngwe ka kwana.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos