Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 52:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba banyenyane ba setjhaba le masala a setjhaba, ba neng ba setse motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 52:15
7 Referencias Cruzadas  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Ka kgwedi ya bohlano, ka tsatsi la bosupa la kgwedi ya selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena le mohlanka wa morena wa Babilona, a kena Jerusalema.


La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Ere: Ke nna setshwantsho sa lona. Ba tla etsetswa jwalokaha ke entse; ba tla falla, ba ye kgolehong.


Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos