Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 51:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Tswang teng, lona setjhaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae kgalefong e tjhesang ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 “Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:45
13 Referencias Cruzadas  

Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!


Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.


Balehang Babilona le lefatsheng la Bakalde, le tswele pele, jwaloka diphooko tse etellang mohlape pele.


Lona ba phemileng lerumo, tlohang, le se ke la ema; hopolang Jehova le sa le hole, Jerusalema a ke a hlokomelwe ke dipelo tsa lona.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.


Jo! Sione, o phonyohe, wena ya ahileng ha moradi wa Babilona!


A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.


A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos