Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 51:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:39
12 Referencias Cruzadas  

Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.


Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Le wena o tla tahwa, o be o timelle; le wena o tla bo o re, o batla setshabelo ho phema sera.


Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos