Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 50:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ke tla otla kgosi ya Babilona le naha ya yona, jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 50:18
11 Referencias Cruzadas  

Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.


Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang!


mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?


Kahobane o lobetse ditjhaba tse ngata, masala wohle a ditjhaba a tla o lobela, ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse, le bohle ba ahileng ho wona.


Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos