Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 46:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Tjhaba di utlwile ho tlontloloha ha hao, fatshe lohle le tletse seboko sa hao, senatla se thulane le senatla se seng, bobedi ba tsona tsa wela fatshe mmoho.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 46:12
17 Referencias Cruzadas  

Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.


Juda o a lla, diphutheho tse dulang dikgorong tsa metse ya hae di fokotse, di ituletse, lefatshe le swabile, mme mohoo wa Jerusalema o a nyoloha.


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Ya leng lebelo a se ke a baleha, le mohale a se ke a phonyoha; ka nqa leboya lebopong la noka ya Eufrate, ba thekesela, ba wela teng.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.


Ka modumo wa ho wa ha bona lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo ya bona, le utlwahala Lewatleng le Lefubedu.


Ka mohoo oo o reng: Babilona o hapilwe, lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo le utlwahala ditjhabeng.


Lentswe la pokollo le tswa Babilona, le la tshenyo e kgolo lefatsheng la Bakalde.


Ninive o hopola bahlabani ba hae; ba kgoptjwa tseleng tsa bona, ba itlhahanela lerakong la hae, ba lokisa tshireletso!


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


Haele banna ba sa kang ba eshwa, ba otlwa ka diso, seboko sa motse sa ba sa nyolohela lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos