Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 44:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 mamelang lentswe la Jehova jwale, lona Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta: Bonang, ke ana ka lebitso la ka le leholo, ho bolela Jehova, hore lebitso la ka ha le sa tla hlola re rapelwa lefatsheng lohle la Egepeta ke motho wa Juda leha a le mong ya ka reng: Ka morena Jehova ya phelang!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 “Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: ‘Ka Morena Modimo ya phelang!’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:26
28 Referencias Cruzadas  

la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,


Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,


nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.


Jehova o hlapantse ka le letona la hae, ka letsoho la hae le matla, a re: Ha ke sa tla hlola ke neela dira tsa hao koro ya hao hore e be dijo tsa tsona, mme baditjhaba ha ba sa tla hlola ba enwa veine ya hao eo o itshebeleditseng yona.


Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke retelletsa sefahleho sa ka ho lona, ho senya le ho kgaola Juda kaofela.


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Jeremia a boela a bolella setjhaba kaofela le basadi bohle, a re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba lefatsheng la Egepeta.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


Ho ana Jehova wa makgotla ka ho phela ha hae, o re: E, ruri, ke sa tla o tlatsa ka batho ba kaale ba ditsie, mme ba tla o hlabela mokgosi.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Wa habo mofu o tla nka setopo sa hae le ya tlang ho se tjhesa, ho tle ho ntshwe ditopo tlung; mme o tla re ho ya dutseng motseo wa ntlo: Na o sa na le e mong le wena na? Eo o tla araba, a re: Tjhe, ha ho sa le motho. Ke moo a tla re: Thola! hobane ha ho na ho hopolwa lebitso la Jehova.


Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.


Jehova o hlapantse ka kganya ya Jakobo, o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lona tsohle ho isa ka ho sa feleng.


E re ho bona: Ka nna ya phelang, ho rialo Jehova, ke tla le etsa kamoo le buileng ditsebeng tsa ka kateng.


Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?


Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse:


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos