Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 37:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hape, Jeremia a bolella morena Tsedekia, a re: Ke o sitetswe kang, kapa wena, kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba sena, ha le nkentse teronkong?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Jeremia a tswela pele, a re ho kgosi Sedekiya: “Wena kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse tjhankaneng tjee?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 37:18
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o halefa, a omanya Labane. Jakobo a fetola Labane, a re: Sebe sa ka ke sefe, mme molato wa ka ke ofe, oo o mphalletseng ka baka la wona na?


Ya busetsang botle ka bobe, bosoto bo ke ke ba tloha tlung ya hae.


Ho lefisa motho ya se nang molato, ha ho a loka, leha e le ho otla ba baholo ka baka la ho loka ha bona.


Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?


Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.


Haele nna, ha ke se ke fihletse hore ha a ka a etsa letho le tshwanetseng lefu, le yena ha a se a ipeile ho morena e moholo, ke ahlotse ho mo romela ho yena.


Pauluse yena a nna a ikarabela, a re: Ha ke a ka ka sitelwa molao wa Bajuda, leha e le tempele, leha e le Sesare.


Yare ha ba le kathoko, ba bolellana, ba re: Motho eo ha a ka a etsa letho le tshwanelang lefu, leha e le teronko.


Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos