Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 36:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 a theohela ka tlung ya morena ka kamoreng ya mongodi; mme bonang, ba baholo ba ne ba dutse teng kaofela, e le Elishama mongodi, le Delaia, mora Shemaia, le Elnathane, mora Akbore, le Gemaria, mora Shafane, le Tsedekia, mora Hanania, le baholo ba bang kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 36:12
13 Referencias Cruzadas  

Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:


Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,


Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase, morena a romela mongodi Shafane, mora Atsalia, mora Meshullame, tlung ya Jehova, a re:


Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehushtha, moradi wa Elnathane wa Jerusalema.


Baholo ba Juda ha ba utlwa taba tseo, ba tswa tlung ya morena, ba nyolohela tlung ya Jehova, ba dula lebaleng la monyako o motjha wa Jehova.


Yaba morena Jojakime o romela batho Egepeta, a roma Elnathane, mora Akbore, a ena le ba bang ho ya Egepeta.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Empa Elnathane, le Delaia, le Gemaria, ba ne ba rapetse morena hore a se ke a tjhesa maqephe a lengolo: a mpa a sa ka a ba utlwa.


Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos