Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 33:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 le selekane seo ke se entseng le Davida, mohlanka wa ka, le selekane seo ke se entseng le baprista ba Balevi ba ntshebeletsang, se ka senngwa, le Davida a ka hloka mohlahlami setulong sa hae sa bokgosi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:21
16 Referencias Cruzadas  

Ha ke re, ntlo ya ka e jwalo pela Modimo, hobane o hlabile le nna selekane se sa feleng, se lokileng kahohle, se tiileng! Ha ke re, o tla medisa polokeho ya ka yohle le tsohle tse lakatswang ke nna!


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.


ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao ka ho ya ka selekane seo ke se tlabotseng le ntatao Davida, ka re ho yena: Ha o ka ke wa hloka motho ya busang Iseraele.


Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.


nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.


Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Hobane jwalokaha mahodimo a matjha, le lefatshe le letjha leo ke seng ke tla le bopa, a tla hlola a le teng pela ka, ho bolela Jehova, leloko la lona le lebitso la lona le tla nne le be teng pela ka.


Le baprista, bao e leng Balevi, ba ke ke ba ba ba hloka motho pela ka ya hlahisang ditjheso, ya tjhesang dibano hammoho le dinyehelo, ya etsang mahlabelo kamehla.


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos