Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 33:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le baprista, bao e leng Balevi, ba ke ke ba ba ba hloka motho pela ka ya hlahisang ditjheso, ya tjhesang dibano hammoho le dinyehelo, ya etsang mahlabelo kamehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:18
21 Referencias Cruzadas  

Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.


ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.


Empa lona, le tla bitswa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Modimo wa rona. Le tla ja menono ya ditjhaba, le ithorise kganyeng ya tsona.


Lentswe la Jehova la pheta la tla ho Jeremia, la re:


Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ho ke ke ha hlokeha motho wa Jonadabe, mora Rekabe, ya emang pela ka le ka mohla o le mong.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


Ho ntoo lekanngwa sebaka sa ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano boleleleng le sa ditswe tse kete tse leshome bophareng; e tla ba sa Balevi; haele ba etsang tshebeletso ya ntlo, ba tla rua dikamore tse mashome a mabedi ho yona.


Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.


Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Baprista ba Balevi, leloko lohle la Levi, ba ke ke ba eba le kabelo, leha e le lefa, jwaloka Baiseraele ba bang; ba tla ja mahlabelo a Jehova a ditjheso, le lefa la hae.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!


mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos