Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 32:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: Ke tla neelana ka motse ona matsohong a Bakalatiya, le matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme o tla o hapa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:28
11 Referencias Cruzadas  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;


Mme jwale, ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o bolela bakeng sa motse ona oo lona le reng: O ya neelwa matsohong a morena wa Babilona, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa;


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.


Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos