Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 31:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane tsatsi le teng leo dibohodi di tla howeletsa ka lona thabeng ya Efraime, di re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Tsatsi le a tla la hore balebedi ba hlabe mokgosi, ba o hlabe ba le thabeng ya Efraime, ba re: ‘Emang lona, re nyoloheleng Sione, re nyoloheleng ho Morena, Morena Modimo wa rona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 31:6
23 Referencias Cruzadas  

Abija a ema qhoweng ya thaba ya Tsemaraime, e dithabeng tsa Efraime, a re: Nkutlweng, wena Jeroboame le lona Baiseraele bohle.


Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.


Ho lehlohonolo batho bao o leng matla a bona, bao pelo tsa bona di ratang ditsela tsa hao!


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!


Ke beile dibohodi marakong a hao, Jerusalema; di ke ke tsa kgutsa le ka motsotso o le mong, motshehare le bosiu. Lona bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha sebaka sa ho phomola!


Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.


Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


Mora motho, ke o beile sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tle o mamele lentswe le tswang molomong wa ka, o ba tshose, o re: Ke nna ke buang le bona.


Mora motho, bua ho bana ba letjhaba la heno, o re ho bona: Ekare ha ke tlisetsa lefatshe le itseng lerumo, mme setjhaba sa lefatshe leo se inkela monna hara sona, ho mmea sebohodi sa sona;


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Efraime o laletse Modimo wa ka. Moporofeta, sefi sa setsomi se ditseleng tsa hae tsohle; bora bo tlung ya Modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos