Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 31:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O sa tla be o leme merara dithabeng tsa Samaria; balemi ba yona ba tla e lema, ba itjelle tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Thabeng tsa Samaria o tla boela o lema morara, balemi ba o leme, ba je tholwana tsa wona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 31:5
15 Referencias Cruzadas  

Ba itjalla dithite, ba hloma merara, mme ba eja ditholwana tse behwang ke yona.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.


Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade.


Ka baka leo, ke tla fetola motse wa Samaria, o be jwaloka sefika sa majwe se pela tshimo, le moo ho ka lengwang merara; ke tla akgela majwe a wona thotaneng, ke kwaholle metheo ya wona;


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.


Motho ke ofe ya hlomileng morara, mme ha a eso ho kge ditholwana tsa wona na? a ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme ditholwana tsa wona tsa kguwa ke e mong.


O tla nyala mosadi, mme e mong o tla robala le yena; o tla haha ntlo, empa ha o ka ke wa dula ho yona; o tla hloma morara, empa ha o ka ke wa ikotulela ditholwana tsa wona.


Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos