Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba utswang mantswe a ka, e mong ho e mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 “Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:30
14 Referencias Cruzadas  

Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba itherellang puo, ba re: Ho boletse Modimo.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke retelletsa sefahleho sa ka ho lona, ho senya le ho kgaola Juda kaofela.


Seo e tla ba pontsho ho lona, ho bolela Jehova, ya hobane ke ya le otla nqalong ena, hore le tle le tsebe hobane mantswe a ka a ya etsahala bakeng sa lona ka bobe,


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke hloile mesangwana ya lona eo le tshwasang meya ya batho ka yona, jwaloka hoja e le dinonyana; ke tla e hahola matsohong a lona, ke tle ke lokolle meya e tshwasitsweng, ke lokolle meya eo le e tshwasitseng jwaloka hoja e le dinonyana.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le bua taba tsa lefeela, mme le bona pono tsa leshano, ke ya tla le lwantsha: ho rialo Morena Jehova.


Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.


Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.


Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos