Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 23:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae; mehleng ya morao le tla hlalohanya teng ka hlalefo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Kgalefo ya Morena ha e ka ke ya kgaotsa, ho fihlela e phethahatswa ke yena, ho fihlela a phethile merero ya hae; sena le tla se utlwisisa mehleng ya ho qetela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:20
18 Referencias Cruzadas  

Jakobo a ntoo bitsa bara ba hae, a re: Phuthanang, ke tle ke le tsebise tse tlang ho le hlahela mehleng e tlang.


ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.


Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Jehova wa makgotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha.


ho dutse jwalo le lentswe la ka le tswang molomong wa ka: le ke ke la kgutlela ho nna le le feela, empa le tla sebetsa se ratwang ke nna, le phethe seo ke le rometseng sona.


Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae. Mehleng ya qetello, le tla ba le hlalohanyo ya teng.


Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.


Emisetsang marako a Babilona folaga, tiisang balebedi, beang dibohodi, le lokise dihlwela, hobane Jehova le yena o a rera, le hona o tla etsa seo a se boletseng bakeng sa baahi ba Babilona.


Le leoditswe ho akofisa polao, le bentshitswe hore le tle le hadime. Kapa a re tla thabela lere la mora ka, le nyedisang difate tsohle tse ding na?


Mme nama yohle e tla tseba hoba nna Jehova ke pshemotse lerumo la ka selateng; le ke la kgutlela ho sona.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Etlare ha o le tsietsing, mme tsena kaofela di o hlahetse, mehleng ya morao, o tla sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos