Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 61:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 61:10
52 Referencias Cruzadas  

Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.


Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.


Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.


ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;


Ke tla apesa baprista ba yona ka poloko, bakgethwa ba yona ba tshele ditlatse tsa thabo.


Baprista ba hao a ba ke ba apare ho loka, bakgethwa ba hao ba tshele mehoo ya thabo!


Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.


Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.


Marama a hao a matle dipakeng tsa meqhaka, le molala wa hao dipakeng tsa masihla.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


Ka letsatsi leo, ho tla thwe: Bonang ke wona Modimo wa rona, oo re o tshepileng hoba o tla re boloka; ke yena Jehova eo re mo tshepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ya hae.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


O tla a olosa, a ye le moya, sefefo se a hasanye; empa thabo ya hao e tla ba Jehova, kganya ya hao e be Mohalaledi wa Iseraele.


Oho! hoja o ka lemoha ditaelo tsa ka! kgotso ya hao e ka nna ya phalla jwaloka noka; ho loka ha hao ho ka tlala jwaloka maqhubu a lewatle.


Thalatsa ka nqa tsohle, o tadime! Ba phutheha kaofela, mme ba tla ho wena. Jehova o re: Ka nna ke leng Modimo, ke re: Ruri o tla ikgabisa ka bona kaofela, o itlame ka bona, jwaloka monyaduwa ha a itlama ka mekgabo ya hae.


Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.


Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.


ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.


ke moo o tla ithabela ho Jehova, mme ke tla o haodisa diphahameng tsa naha jwaloka ha eka o kaletse pere; o tla ja lefa la Jakobo, ntatao moholo, hobane molomo wa Jehova o boletse jwalo.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke yang ho se bopa, hobane bonang, ke ya bopa Jerusalema e be motse wa thabo, le setjhaba sa wona e be setjhaba se kgotsheng thabo.


Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.


Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.


Empa haele nna, ke tla ithabela ho Jehova, ke nyakalle ho Modimo wa poloko ya ka.


Efraime o tla ba jwaloka mohale, pelo tsa bona di tla thaba jwaloka eka ba nwele veine. Bana ba bona ba tla tla ho bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele ho Jehova.


Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.


Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.


Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.


Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos