Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 60:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tsamaisa mahlo kahohle, mme o tadime! Ba bokana kaofela ho tla ho wena; bara ba hao ba tla, ba etswa hole, baradi ba hao ba pepilwe mahlakoreng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Phahamisa mahlo o qamake kahohle: Bohle ba a phutheha, ba itlisa ho wena; bara ba hao ba tla tswa holehole, baradi ba hao ba tle ba sikilwe ka matsoho.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 60:4
18 Referencias Cruzadas  

O tla emisetsa ditjhaba folaga ya hae, dipheletsong tse nne tsa lefatshe a bokelle Baiseraele ba tebetsweng, a phuthe le Bajuda ba qhalantsweng.


Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Nna, Jehova, ke o bileditse ho lokeng, ke o tshwere ka letsoho, ke o bolokile, mme ke o entse selekane sa setjhaba sa ka le lesedi la ditjhaba,


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Bara ba hao ba ya tla ka lebelo; ba o sentseng le ba o entseng lesupi ba tla baleha.


Thalatsa ka nqa tsohle, o tadime! Ba phutheha kaofela, mme ba tla ho wena. Jehova o re: Ka nna ke leng Modimo, ke re: Ruri o tla ikgabisa ka bona kaofela, o itlame ka bona, jwaloka monyaduwa ha a itlama ka mekgabo ya hae.


Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.


Mohlang oo, ho tla tluwa ho wena, ho tswa Assiria ho isa metseng ya Egepeta, le ho tloha Egepeta ho isa nokeng, le ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha thabeng e nngwe ho isa thabeng e nngwe.


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ke a le bolella, ke re: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, mme ba tla dula dijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo mmusong wa mahodimo.


Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa.


Ka Sabatha e hlahlamang, motse wa hla wa batla o eba hammoho kaofela, ho utlwa ditaba tsa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos