Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 59:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Bohle re puruma jwaloka dibere, re lla habohloko jwaloka maeba. Re batla toka, empa ha re e fumane, re batla topollo, empa e holehole le rona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 59:11
19 Referencias Cruzadas  

Ba latelang bobe ba atametse, ba ntse ba emela hole le molao wa hao;


Poloko e hole le ba babe; hobane ha ba hlokomele dikomelo tsa hao.


Ke feletswe ke matla, ke robehile hampe, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka ...


o nkutlwe, mme o nkarabe! Ke timeletswe, ke sisa pelo, ke a dumaduma,


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!


Bara ba hao ba shwele sethwathwa, ba botha dikoung tsohle tsa diterata jwaloka kgama e itshwasitseng moqetjheng; ba tletse kgalefo ya Jehova le dikgalemelo tsa Modimo wa hao.


Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.


Ha ba tsebe tsela ya kgotso, ho loka ha ho yo mekgweng ya bona; ba iketseditse ditsela tse kgopo; e mong le e mong ya tsamayang ho tsona ha a tsebe kgotso.


Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rona, mme ho loka ho sa fihle ho rona; re lebeletse lesedi, mme bonang, ke lefifi; re lebeletse kganya, mme re tsamaya botshong.


Re ne re ntse re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la phodiso, mme bonang, ho a tshabeha.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


O timile moya wa ka kgotso, le lebetse hore na ho ba le lehlohonolo keng?


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.


Ho fedile: Ninive o a hlobodiswa, o iswa hole; makgabunyane a hae e itelela ka dillo tse kang tsa maebakgorwana, a iteta difuba.


Ninive, haesale a hlaha, o ne a le jwaloka letsha la metsi a mangata. Jwale, howa balehuwa! Emang, emang! ... empa ha ho ya retelehang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos