Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 56:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Motho wa ditjhaba, ya kgomaretseng Jehova, a se ke a hlahisa puo ya ho re: Jehova o tla nkgaola setjhabeng sa hae; le leqhalaha le se ke la re: Ke sefate se omeletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Se dumelle moditjhaba ya ikabetseng Morena hore a re: ‘Morena o tla nkgetholla tjhabeng sa hae ho hang!’ Se dumelle lehaole ho ipelaetsa, le re: ‘Nna ke sefate se omeletseng!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 56:3
35 Referencias Cruzadas  

Hape, moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang lefatsheng le hole ka baka la lebitso la hao le leholo, le ka baka la letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng, ha a ka tla, a rapela a tadimile nqa tlung ena;


Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng;


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Ha e le bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang, hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya morena wa Babilona.


ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


Ba tla botsa tsela ya Sione, difahleho tsa bona ba di lebisitse teng, ba re: Tloong, le kgomarele Jehova ka selekane se sa feleng, se se nang ho lebalwa.


kapa ya lekgutla, kapa e mokgutshwanyane, kapa ya nang le pabela leihlong, kapa ya lekgwekgwe, kapa setshwa, kapa eo marete a hae a pshatlehileng.


Le ka ithekela le ho bana ba baditjhaba ba ikahetseng hara lona, le mefuteng ya bona e ho lona, ba tswaletsweng naheng ya lona, mme le tla ba rua;


Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.


Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Ke lemoha ka nnete hore Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho.


Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.


Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Mme ya ikopanyang le Morena, o iketsa moya o le mong le yena.


mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Le lona le hahilwe hammoho ho yena, ho ba ntlo ya Modimo Moyeng.


Ha o futuhela dira tsa hao, o itshabise tsohle tse mpe.


Ke le Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla bakgethwa ba jakileng, ba hasaneng mafatsheng a Ponto, a Galatia, a Kapadosia, a Asia, le a Bithinia;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos