Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 45:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke nna ke entseng lefatshe, ke bopileng motho hodima lona; mahodimo a adilwe ke nna ka matsoho a ka, ka laola makgotla a wona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ke entse lefatshe ka ba ka le bopela motho, esita le mahodimo ka a ala ka matsoho a ka, le dinaledi tsohle tsa lehodimo di laelwa ke nna.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 45:12
22 Referencias Cruzadas  

Mahodimo a phethwa jwalo, le lona lefatshe le dintho tsohle tsa teng.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.


Na o ka tseba ho ala sebaka sa lehodimo hammoho le wona, wa se fa bothata ba seipone sa tshepe e tsholotsweng na?


Kgale o ne o thee lefatshe, mme mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.


O ipopa ka lesedi jwaloka hola ke kobo, o menolla mahodimo jwaloka lesela la tente;


Oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, wena ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe!


Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


Ho itswe ke Modimo Jehova, ya entseng mahodimo, ya a phutholotseng, ya anehileng lefatshe le dimela tsa lona; ya neileng batho ba ho lona phefumoloho, le moya ho ba tsamayang teng:


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, ya o entseng esale le popelong ya mmao: Ke nna Jehova ke entseng dintho tsohle, ke manolotseng mahodimo ke nnotshi, ke adileng lefatshe ke le mong,


Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.


Letsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, mme le letona la ka le adile mahodimo; ke a bitsitse, a hla a hlaha hang.


Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?


Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


Botsa he ditaba tsa mehla ya boholoholo, tsa mohla o neng o sa ntsane o le siyo, ho qala ka tsatsi leo Modimo o neng o bope motho lefatsheng, le ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe, na taba e kalo e se e kile ya hlaha, kapa e jwalo e se e kile ya utlwahala na?


Ka tumelo, re a tseba hoba dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos