Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?
Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?
Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?