Isaia 43:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe; Ver CapítuloBIBELE6 Ho batho ba ka leboya ke tla re: ‘Neelanang ka bona!’ Ho ba ka borwa ke re: ‘Le se ke la hana ka bona!’ Kgutlisang bara ba ka ba etswa hole, le baradi ba ka ba dipheletsong tsa lefatshe, Ver Capítulo |
Mehleng eo, nyehelo e tla tlisetswa Jehova wa makgotla ke setjhaba se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona, e tla tlisetswa nqalong moo ho rapelwang Jehova wa makgotla, thabeng ya Sione.
Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.