Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 41:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Re tsebiseng tse tlang ho tla, re tle re lemohe hobane le medimo; etsang ntho e ntle, kapa e mpe, re tle re makale hammoho, mme re bone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Re tsebiseng tseo e leng hona di tla tla, re tle re tsebe hore efela le le medimo. Etsang tse ntle kapa le etse tse kgopo, re tle re bone, ebe re tlalwa ke tshabo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:23
13 Referencias Cruzadas  

Ba kae jwale ba bohlale ba hao? Ba fele ba o bolelle, ho tle ho tsejwe seo Jehova wa makgotla a se rerileng hodima Egepeta.


Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.


Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.


Ekare ha le sa ntsebise toro, le tla ahlolwa ka kahlolo e le nngwe; etswe le lokisitse polelo ya leshano le ya bolotsana ho tla e bolela pela ka, ho be ho fetohe nako; mpolelleng toro, ke hona ke tla kgolwa hoba le ka tseba ho nnea le kwahollo ya yona.


Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.


Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos