Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 41:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba ke ba di tlise, ba re bolelle ditaba tse tlang ho tla! Le boletse ditaba dife tsa kgale? Re bolelleng, re tle re nahane, re tsebe moo di fellang teng; kapa le re tsebise tse tla hlaha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 “Atamelang, le ke le bolele, le re bolelle tse tla etsahala. Re bolelleng hore na tsa kgalekgale ke dife, e le hore re tle re di nahane, re be re tsebe le pheletso ya tsona; kapa le re bolelle tse tla etsahala.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:22
11 Referencias Cruzadas  

Ke mang ya boletseng taba eo esale ho hlaheng, re tle re tsebe? Kapa ya e boletseng mehleng ya pele ke mang, re tle re re: Ke nnete? Empa ha ho ya e boletseng, ha ho ya e senotseng, ha ho ya utlwileng dipolelo tsa lona.


Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.


Ke mang ya jwaloka nna ya boletseng tse esong ho hlahe, esale ke thea setjhaba hore e be sa kamehla? A bolele, a hlahise pela ka. Ba ke ba bolele tse tlang ho tla, tse tlang ho etsahala!


Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.


Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.


Ditaba tsa pele ke kgale ke di boletse, di tswile molomong wa ka, mme ke di boletse; ka etsa hang, mme tsa etsahala.


Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.


Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos