Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 41:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hlahisang nyewe ya lona, ho bolela Jehova; le tlise ditaba tsa lona, ho bolela Morena wa Jakobo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Ritelang nyewe ya lona, lona medingwana,” ho rialo Morena. “Bolelang mabaka a lona,” ho rialo Kgosi ya Jakobo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:21
12 Referencias Cruzadas  

Ke be ke tla mo phetela metsamao ya ka kaofela, mme jwaloka morena ke ne ke tla mo atamela!


Jwale, o itlame letheka jwaloka monna, ke tle ke o botse, mme o nthute.


mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.


Kgutsang, lona dihlekehleke, le mmamele; ditjhaba di tsohe matla, di atamele, di bolele, re yeng tsekong hammoho.


Nna Jehova, ke Mohalaledi wa lona; nna, Mmopi wa Iseraele, ke Morena wa lona.


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos