bona, ke tla kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o seng o theohetse teng ka ketso ya letsatsi. Yaba letsatsi le kgutlela ka santhao ka tekanyo tse leshome, letlapeng la dinako la Akase, moo le neng le tsamaya teng.
Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.