Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 34:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Melapo ya Edomo e tla fetoha boka, mobu wa teng e tla ba sebabole, naha ya teng e be naha ya boka bo tjhang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Metsi a noka tsa Edomo a tla fetoha boka, mobu wa yona o fetohe sebabole, naha e fetohe boka bo tukang malakabe!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 34:9
10 Referencias Cruzadas  

A isa mahlo nqa Sodoma le Gomora, le nqa naheng yohle ya lehwatata, a tadima, mme bonang, mosi wa naha eo o ne o nyoloha jwaloka mosi wa sebopi.


Ha ho le a mong wa bahabo ya dulang tenteng ya hae; sebabole se tsholla jwaloka pula hodima moaho wa hae.


O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.


Empa ka letsatsi leo Lota a tswang Sodoma ka lona, lehodimo la neswa mollo le sebabole, ba ba ba timetswa kaofela ke tsona.


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos