Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 34:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso seo a tla lefetsa Sione ka sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Morena o kgethile letsatsi la ho phetetsa, le selemo sa ho lefeletsa Sione.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 34:8
24 Referencias Cruzadas  

Modimo wa diphetetso, Jehova, Modimo wa diphetetso, hlaha ka kganya.


Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.


Bonang, letsatsi la Jehova le a tla, le le thata, le tletse kgalefo le bohale bo tukang, le tla etsa lefatshe nahathothe, le fiele ba bolotsana ba ho lona.


Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.


Ereng ho ba dipelo di tshohileng: Betang pelo, le se ke la tshaba! Bonang, Modimo wa lona o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Modimo; o tla tla, o le boloke.


O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.


Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.


Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,


Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!


Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos