Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 34:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 34:6
25 Referencias Cruzadas  

Seqha sa Jonathane thane se be se sa tshabane le madi a ba hlajwang, le mafura a bahale; le sabole ya Saule e be e sa kgutle feela!


Eitse hobane Bela a timele, ha busa Jobabe, mora Sera wa Botsra, tulong tsa hae.


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Hobane lerumo la ka le tahilwe lehodimong; bonang, le tla theohela hodima Edomo le hodima setjhaba seo ke se neetseng thohako.


Ke mang eo ya tlohang Edomo, ya tswang Botsra, ka diaparo tse takilweng ka bofubedu, ya kganyang ka kobo ya hae, ya tsamayang ka boholo ba matla a hae? Ke nna ke bolelang ho loka, ke nang le matla wohle a ho boloka.


Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.


ke le neeletse lerumo, mme le tla akgelwa polaong, hobane ke bitsitse, empa ha le a ka la araba; ke boletse, empa ha le a ka la mamela, mme le entse sebe pela mahlo a ka, la ikgethela seo ke sa se rateng.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.


Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.


Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Ke tla ba theosetsa hlabong jwaloka dinku, jwaloka diphooko hammoho le dipheleu.


Le leoditswe ho akofisa polao, le bentshitswe hore le tle le hadime. Kapa a re tla thabela lere la mora ka, le nyedisang difate tsohle tse ding na?


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla tlatsa thaba tsa hae ka babolauwa ba hae. Maralleng a hao, le dikgutlong tsa hao, le melapong yohle ya hao, ho tla wela ba bolailweng ka lerumo.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Tholang pela Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse; hobane Jehova o lokisitse sehlabelo, o hlatswitse bao a ba bitsitseng.


o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.


Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios