Isaia 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ba tla phahamisa mantswe a bona, ba ntshe mehoweletso ya thabo, ba nyakalle ho tloha pela lewatle, ka baka la bokgabane ba Jehova. Ver CapítuloBIBELE14 Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa, ba binele Morena ya tlotlehang, ba howe haholo, ba howe ho tloha bophirimela. Ver Capítulo |
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.