Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 23:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bona naha ya Bakalde! Ha e sa le setjhaba; Baassiria ba e neetse dibatana tsa naha; ba haha ditora tsa bona tsa ntwa, ba heletsa matlo a borena a Kanana, ba a etsa lesupi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 23:13
23 Referencias Cruzadas  

Empa Harane a shwa, Tera ntatae a sa ntse a le teng, lefatsheng leo a tswaletsweng ho lona, Ure wa Kalde.


Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.


Ka baka leo, motse oo wa rewa Babele, kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ya lefatshe lohle, le moo Jehova a ba qhalanyeditseng teng lefatsheng lohle.


Lebitso la noka ya boraro ke Hiddekele, e mathelang ka nnqa botjhabela ho Assiria. Noka ya bone ke Eufrate.


Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.


Mehleng eo, Berodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase; hobane o ne a utlwile hore Esekiase o ne a kile a kula.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Baahi ba lefeella ba tla kgumama pela hae, bao e leng dira ho yena ba nyeke lerole;


Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!


Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.


O tla fetoha letsaba la dibatana tsa naha, matlo a teng a tla tlala diphooko, dimpshe di ahe teng, bademona ba tlolake teng.


Bohle ba tla neelwa manong a dithaba le dibatana tsa naha, manong a tla solla teng selemo se be se fele, dibatana kaofela tsa naha di qete mariha teng.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Mora motho, Nebukadresare, morena wa Babilona, o sebedisitse makgotla a hae mosebetsi o moholo Tire; dihlooho tsohle di phumuhile ke hona, mahetla wohle a phumuhile selota; mme hona teng Tire, yena le makgotla a hae ha ba ka ba bona moputso le o mong wa mosebetsi oo ba o sebeditseng teng.


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.


Yaba o tloha naheng ya Bakalde, mme a ya aha Kgarane. Eitse hobane ntatae a shwe, Modimo wa mo tlosa teng, wa mo tlisa naheng ena le ahileng ho yona jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos