Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 22:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Tsatsing leo, ha ho bolela Jehova wa makgotla, thakgisa e hlomilweng moo ho tiileng e tla tloswa, e lahlwe, e we, mme ntho tsohle tseo e neng e di jere, di tla wela fatshe, hobane Jehova o boletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Ka tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho, “thakgisa e kgokgothetsweng moo ho tiileng e tla kgokgothollwa, e kgaolwe, e wele fatshe, mme tsohle tse neng di itshwareletse ka yona di tla senyeha,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 22:25
15 Referencias Cruzadas  

Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!


Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)


Ke tla mo hloma jwaloka thakgisa moo ho tiileng, e be setulo se kganyang tlung ya ntatae.


E tla ba yena tshiya ya kganya yohle ya ntlo ya ntatae, ya mahlomela le ya makala, le ya dipitsana, ho qala ka dipitsa tsa mehope ho isa ho dijana kaofela.


Ke bitsa ntsu botjhabela, le lefatsheng le hole ke lata ya tlang ho phetha morero wa ka. Ke boletse, mme ke tla etsa; ke rerile, mme ke tla phetha.


Ke nna, ke nna ya boletseng, ke nna ke mmitsitseng; ka mo lata, mme o tla atleha tseleng ya hae.


Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.


ke le romele le tlala le dilalome tse mpe tse tla le hlokisa bana; le mohla lefu la sewa le madi di tla tsamaya ha hao, ke o tlisetse lerumo. Ke nna Jehova ke buang jwalo!


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos