Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 22:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke tla mo hloma jwaloka thakgisa moo ho tiileng, e be setulo se kganyang tlung ya ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 22:23
12 Referencias Cruzadas  

Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


hobane, leha o ka ikgutsetsa nakong ena, thuso le ho namolelwa di tla hlahela Bajuda, di etswa hosele; haele wena le ntlo ya ntatao, le tla timela; ho tseba mang ha ekaba hase ka baka la nako e kang ena o fihlileng bofumahading!


Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.


Mantswe a ba bohlale a jwaloka ditsenene, maele a bokeletsweng a jwaloka dipekere tse kgokgothetsweng; ke a filweng ke modisa a le mong.


E tla ba yena tshiya ya kganya yohle ya ntlo ya ntatae, ya mahlomela le ya makala, le ya dipitsana, ho qala ka dipitsa tsa mehope ho isa ho dijana kaofela.


Tsatsing leo, ha ho bolela Jehova wa makgotla, thakgisa e hlomilweng moo ho tiileng e tla tloswa, e lahlwe, e we, mme ntho tsohle tseo e neng e di jere, di tla wela fatshe, hobane Jehova o boletse.


Ho yena Juda ho tla tswa lejwe la ntlha, ho yena ho tswe kgokgwane, ho yena ho tswe seqha sa ntwa, ho tla tswa le ho yena babusi kaofela hammoho.


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos