Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 19:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mehleng eo, mmila o tla ba teng o tswang Egepeta, o yang Assiria; Baassiria ba tla tla Egepeta, Baegepeta ba ye Assiria, mme Egepeta o tla sebeletsa Jehova a ena le Assiria.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 19:23
15 Referencias Cruzadas  

Hara ba ntsebang ke tla bala Egepeta le Babilona; Filestia ke eo le Tire, le Ethiopia; di tswaletswe teng.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.


Mohlang oo, Iseraele e tla ba wa boraro, ya kopaneng le Egepeta le Assiria, e be lehlohonolo bohareng ba lefatshe,


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Dithaba tsa ka ke tla di fetola mebila, mme ditsela tsa ka di tla hlekwa.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Mohlang oo, ho tla tluwa ho wena, ho tswa Assiria ho isa metseng ya Egepeta, le ho tloha Egepeta ho isa nokeng, le ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha thabeng e nngwe ho isa thabeng e nngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos