Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova o tla itsebisa Baegepeta, mme Baegepeta ba tla tseba Jehova mehleng eo, ba mo sebeletse ka mahlabelo le ka dinyehelo; ba tla itlama ka dikano ho Jehova, mme ba tla di phetha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 19:21
30 Referencias Cruzadas  

o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.


Ebe moo ke rorisang lebitso la hao kamehla, ke ntse ke phetha dikano tsa ka ka matsatsi wohle.


hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.


Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!


Mebuso ya lefatshe, phahamisetsang ho Modimo difela tsa lona; le binele Morena dipesaleme! (Sela.)


Ha o ikanela ho Modimo ka kano, se diehe ho e phetha; hobane ha o kgahlwe ke mawatla. Phetha kano eo o e entseng.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.


Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.


Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.


Barapedi ba ka, e leng ba setjhaba sa ka se hasaneng, ba tla tla ba etswa naheng e kapele ho dinoka tsa Kushe, ba ntlisetse dinyehelo.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos